1 Bakorinthe
Khaolo 16:5-11
BIBELE e Halalelang
5Ke tla tla le ka ho lona, ha ke fetile ka Masedonia; hobane ke tla ya ka la Masedonia.
6Mme ekaba ke tla hlola ditshiu hara lona, mohlomong ke hlole teng mariha a be a fete, le tle le nne le mphelehetse hohle moo ke yang le teng.
7Hobane, haele jwale, ha ke rate ho le fapohela feela, empa ke tshepile hoba ke tla hlola ditshiu le lona, ha Morena a dumela.
8Empa ke tla dula Efese ho be ho fihle Pentekonta.
9Hobane teng ke buletswe monyako o moholo wa tshebetso e hlohonolofalang; hape ho le bahanyetsi ba bangata.
10Ekare ha Timothea a etla, le bone hore a dule hara lona a sa tshabe letho, kahobane a ineetse mosebetsi wa Morena jwaloka nna.
11A se ke a nyatsuwa ke motho, le mpe le mo felehetse ka kgotso, a tle ho nna, hobane ke mo lebeletse le banababo rona.