1 Bakorinthe
Khaolo 6:1-4
BIBELE e Halalelang
1Motho ho lona, ha a ena le taba ya tseko le e mong, ha a tshabe keng ho ya ahlolelwa ke bakgopo, e seng ke bahalaledi?
2Na ha le tsebe hoba bahalaledi ba tla ahlola lefatshe? Mme ha esita lefatshe le tla ahlolwa ke lona, na ha le lokele ho ahlola ditseko tse nyenyane na?
3Ana ha le tsebe hoba re tla ahlola mangeloi na? Re fetisa hakakang ho ahlola ditaba tsa bophelo ba jwale!
4Ha ho le jwalo, ha le ena le ditseko ho tsa bophelo bona, le bea jwang ba sa balweng letho kerekeng ho di ahlola?