1 Bakorinthe
Khaolo 6:4-10
BIBELE e Halalelang
4Ha ho le jwalo, ha le ena le ditseko ho tsa bophelo bona, le bea jwang ba sa balweng letho kerekeng ho di ahlola?
5Ke rialo ho le hlabisa dihlong. Na ke ho re, ha ho na ya bohlale hara lona, leha a le mong, ya ka tsebang ho ahlolela motho le ngwanabo na?
6Empa ngwanabo motho o ya tsekong le ngwanabo, le hona e le pela ba sa dumelang!
7Athe e se e le molato ruri ho lona, ha le ena le ditseko. Na ha le ikgethele keng ho etswa hampe? Na ha le ikgethele keng ho senyehelwa?
8Empa jwale, ke lona ba etsang ba bang hampe, ba ba senyetsang, mme tseo le di etsa bana babo lona!
9Ana ha le tsebe hoba bakgopo ha ba ka ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo na?
10Le se ke la lahleha: Haele ba ditshila, haele ba rapelang ditshwantsho, haele baboki le bafebi, leha e le basodoma, le mashodu, le ba lakatsang leruo, le matahwa, le ba sebang ba bang, le ba utswang, ba jwalo ba ke ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo.