1 Bakorinthe
Khaolo 6:8-14
BIBELE e Halalelang
8Empa jwale, ke lona ba etsang ba bang hampe, ba ba senyetsang, mme tseo le di etsa bana babo lona!
9Ana ha le tsebe hoba bakgopo ha ba ka ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo na?
10Le se ke la lahleha: Haele ba ditshila, haele ba rapelang ditshwantsho, haele baboki le bafebi, leha e le basodoma, le mashodu, le ba lakatsang leruo, le matahwa, le ba sebang ba bang, le ba utswang, ba jwalo ba ke ke ba rua lefa la mmuso wa Modimo.
11Mme ke seo ba bang ho lona le neng le le sona; empa le hlatswitswe, empa le halaleditswe, empa le beilwe ba lokileng ka lebitso la Morena Jesu, le ka Moya wa Modimo wa rona.
12Ho nna tsohle di dumelehile, empa hase tsohle tse nang le molemo; ho nna tsohle di dumelehile, empa nke ke ka dumela ho buswa ke e nngwe ya tsona.
13Dijo ke tsa mpa, mpa ke ya dijo, mme Modimo o tla fedisa dijo le mpa. Empa mmele hase wa bofebe, empa e le wa Morena, le Morena e le wa mmele.
14Mme Modimo o tsositseng Morena, le rona o tla re tsosa ka matla a wona.