1 Bakorinthe
Khaolo 7:17-23
BIBELE e Halalelang
17Empa motho ka mong a tsamaye kamoo Morena a mo abetseng kateng, le kamoo Modimo o mmitsitseng kateng. Ke laela dikereke tsohle jwalo.
18Motho ha a bitsitswe a bolotse, a se ke a ipusetsa boqaing; motho ha a bitsitswe a eso ho ka a bolla, a se ke a bolla.
19Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.
20Motho ka mong a ke a dule kabelong eo a neng a le ho yona, mohla a bitswang.
21Hleka o bitsitswe o le ya ruilweng na? O se ke wa belaela ke hona. Empa ha o ka lokollwa, o mpe o ikgethele hona.
22Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le moruwa, ke molokollwa wa Morena; le yena ya bitsitsweng e le molokollwa, ke moruwa wa Kreste.
23Le rekilwe ka theko; le se ke la fetoha baruwa ba batho.