1 Bakorinthe
Khaolo 7:19-25
BIBELE e Halalelang
19Lebollo hase letho, le boqai hase letho, empa eo e leng taba ke ho boloka melao ya Modimo.
20Motho ka mong a ke a dule kabelong eo a neng a le ho yona, mohla a bitswang.
21Hleka o bitsitswe o le ya ruilweng na? O se ke wa belaela ke hona. Empa ha o ka lokollwa, o mpe o ikgethele hona.
22Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le moruwa, ke molokollwa wa Morena; le yena ya bitsitsweng e le molokollwa, ke moruwa wa Kreste.
23Le rekilwe ka theko; le se ke la fetoha baruwa ba batho.
24Banabeso, motho ka mong a dule pela Modimo kabelong eo a neng a le ho yona, mohla a bitswang.
25Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.