1 Bakorinthe
Khaolo 7:20-26
BIBELE e Halalelang
20Motho ka mong a ke a dule kabelong eo a neng a le ho yona, mohla a bitswang.
21Hleka o bitsitswe o le ya ruilweng na? O se ke wa belaela ke hona. Empa ha o ka lokollwa, o mpe o ikgethele hona.
22Hobane ya bitsitsweng ke Morena e le moruwa, ke molokollwa wa Morena; le yena ya bitsitsweng e le molokollwa, ke moruwa wa Kreste.
23Le rekilwe ka theko; le se ke la fetoha baruwa ba batho.
24Banabeso, motho ka mong a dule pela Modimo kabelong eo a neng a le ho yona, mohla a bitswang.
25Jwale, haele ka taba ya barwetsana, teng ha ke na molao wa Morena; ke mpa ke hlahisa molomo wa ka, kamoo ke leng motho ya hauhetsweng ke Morena kateng, hore ke tshepehe.
26Ka baka leo, ke lekanya hore ho ka ba molemo ho motho ho itulela jwalokaha a dutse, ka baka la tsietsi ya mehla ena.