1 Bakorinthe
Khaolo 7:29-35
BIBELE e Halalelang
29Seo ke se bolelang, banabeso, ke hoba, jwale, nako e kgutshwanyane; e le hore ba nang le basadi ba be jwaloka hoja ba se na bona;
30ba llang ba be jwaloka hoja ba sa lle; ba thabileng ba be jwaloka hoja ba sa thaba; ba rekang ba be jwaloka hoja ba sa rua letho;
31le ba itshebeletsang ka tsa lefatshe lena, ba be jwaloka hoja ba sa sebetse ka tsona; hobane mokgwa wa lefatshe lena o a fela.
32Nka rata hore le hloke pelaelo. Ya sa nyalang o hlokomela tseo e leng tsa Morena, le kamoo a ka kgahlisang Morena kateng.
33Empa ya nyetseng o hlokomela tsa lefatshe lena, le kamoo a ka kgahlisang mosadi wa hae kateng.
34Mosadi ya nyetsweng le morwetsana ha ba tshwane. Ya sa nyalwang o hlokomela tsa Morena, a tle a halalele mmeleng le moyeng; empa ya nyetsweng o hlokomela tsa lefatshe lena, le kamoo a ka kgahlisang monna wa hae kateng.
35Ke rialo ka ho lekanya se ka bang molemo ho lona, e seng ho le tjheha ka leraba; e le hore le mpe le etse ka hlokomelo, mme le sebeletse Morena le sa horeletswe ke letho.