1 Bakorinthe
Khaolo 8:2-8
BIBELE e Halalelang
2Ekare ha motho a lekanya hoba o tseba ntho, ha a eso ho tsebe letho kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.
3Empa ekare ha motho a rata Modimo, ke yena ya tsejwang ke wona.
4Jwale, ha e le ka ho ja dijo tse halbetsweng ditshwantsho, re a tseba hore setshwantsho hase letho lefatsheng, le hore ha ho Modimo o mong, haese o le mong feela.
5Hobane leha ho le ba bitswang medimo mahodimong le lefatsheng — ho batho medimo e fela e le mengata, le marena a mangata —
6leha ho le jwalo, ho rona Modimo o mong feela, e leng Ntata rona, e leng oo tsohle di tswang ho wona, oo re leng ho wona; mme re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle di entsweng ka yena, le rona re leng ka yena.
7Empa tsebo ha e ho bohle; hobane ba bang le jwale ba sa ntse ba eja dintho tse hlabetsweng ditshwantsho ke letswalo la hore setshwantsho ekaba se na le taba, mme letswalo la bona le fokolang le ditshila ke hona.
8Dijo hase ntho eo re ka kgahlisang Modimo ka yona, hobane leha re eja, ha re ekeletswe letho pela wona; leha re sa je, ha re haellwe ke letho.