1 Bakorinthe
Khaolo 8:7-13
BIBELE e Halalelang
7Empa tsebo ha e ho bohle; hobane ba bang le jwale ba sa ntse ba eja dintho tse hlabetsweng ditshwantsho ke letswalo la hore setshwantsho ekaba se na le taba, mme letswalo la bona le fokolang le ditshila ke hona.
8Dijo hase ntho eo re ka kgahlisang Modimo ka yona, hobane leha re eja, ha re ekeletswe letho pela wona; leha re sa je, ha re haellwe ke letho.
9Le mpe le iponele esere mohlomong tokoloho ya lona e ka kgopisa ba fokolang.
10Hobane ekare ha e mong a o bona, wena ya nang le tsebo, o dutse ho ja tempeleng ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la kgothatswa ke hona hore a tle a je tse hlabetsweng ditshwantsho na?
11Mme jwale, ngwaneno eo ya fokolang, eo Kreste a mo shwetseng, o tla timela ke tsebo ya hao!
12Mme ha le sitelwa bana babo lona jwalo, mme le hlaba matswalo a bona a fokolang, le sitelwa le Kreste.
13Ha ho le jwalo, ekare ha sejo seo se ka kgopisa ngwaneso, nke ke ka hlola ke eja nama le ka mohla o le mong, ke tle ke se ke ka kgopisa ngwaneso.