1 Bakorinthe
Khaolo 9:1-7
BIBELE e Halalelang
1Ana ha ke a lokoloha na? Ha ke moapostola na? Ha ke a ka ka bona Morena wa rona Jesu Kreste na? Ha le mosebetsi wa ka Moreneng na?
2E be ekasita ke se moapostola ho ba bang, ho lona ke yena; hobane ke lona le leng letshwao la boapostola ba ka Moreneng.
3Ke bona boikarabelo ba ka ho ba nkahlolang.
4Hleka ha re na tokelo ya ho ja le ya ho nwa na?
5Na ha re na tokelo ya ho tsamaya re ena le kgaitsedi, e leng mohatsa wa rona, jwaloka baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?
6Kapa ke nna le Barnabase feela re se nang tokelo ya ho lesa ho sebetsa ka matsoho na?
7Ke mang ya yang ntweng ka mefaho ya hae? Ke mang ya hlomang morara, mme a sa je dijo tsa wona na? Ke mang ya disang mohlape, mme a sa je lebese la mohlape na?