1 Bakorinthe
Khaolo 9:4-10
BIBELE e Halalelang
4Hleka ha re na tokelo ya ho ja le ya ho nwa na?
5Na ha re na tokelo ya ho tsamaya re ena le kgaitsedi, e leng mohatsa wa rona, jwaloka baapostola ba bang, le banababo Morena, le Kefase na?
6Kapa ke nna le Barnabase feela re se nang tokelo ya ho lesa ho sebetsa ka matsoho na?
7Ke mang ya yang ntweng ka mefaho ya hae? Ke mang ya hlomang morara, mme a sa je dijo tsa wona na? Ke mang ya disang mohlape, mme a sa je lebese la mohlape na?
8Hleka taba tseo ke di bolela ka mokgwa wa batho na? Molao ha o rialo le wona na?
9Hobane ho ngodilwe molaong wa Moshe, ho thwe: O se ke wa thiba molomo wa kgomo, ha e pola. Hleka le re, Modimo ha o rialo, ke ho hlokomela dikgomo na?
10Ha ke re, taba tseo o di boletse haholo ka baka la rona na? Efela ke ka baka la rona ho ngodilweng hore ya lemang o tshwanetse ho lema ka tshepo, le ya polang a pole a ntse a tshepile hobane le yena o tla ja.