2 Bakorinthe
Khaolo 11:29-33
BIBELE e Halalelang
29Ke mang ya fokolang, nna ke sa fokole? Ke mang ya kgoptjwang, nna ke sa tjhe?
30Ha ho ka thwe, ho ke ho ithoriswe, nna ke tla ithorisa ka tsa ho fokola ha ka!
31Modimo, e leng Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, e leng o bokwang ka ho sa feleng, o a tseba hoba ha ke leshano.
32Enere mohla ke neng ke le Damaseka, mmusisi wa morena Aretase o ne a beile dihlwela motseng wa Badameseka, a rata ho ntshwara.
33Empa ba ntheosa lerakong ka sefensetere, ke le ka serotong, mme ka phonyoha jwalo matsohong a hae.