2 Bakorinthe
Khaolo 2:6-12
BIBELE e Halalelang
6Ho lekane ha motho eo a kgalemetswe jwalo ke ba bangata.
7Empa jwale, le tshwanetse ho mo rekolohela le ho mo tshedisa, motho eo a tle a se ke a qetwa ke maswabi a tlodisang.
8Ke le rapela ke hona, ke re, le ke le mmontshe lerato la lona;
9etswe ke le ngoletse hore ke tle ke le leke, mme ke tsebe hobane na nthong tsohle le a nkutlwa.
10Eo le mo rekolohelang le nna ke a mo rekolohela; hobane le nna ha ke leballa motho molato, ke mo leballa wona ka baka la lona, mahlong a Kreste;
11re tle re se ke ra tlatlapuwa letho ke Satane, hobane re hlile re tseba merero ya hae.
12Mme mohla ke tlileng Trowase ho bolela Evangeli ya Kreste, leha nkile ka bulelwa monyako teng ke Morena,