2 Bakorinthe
Khaolo 3:13-18
BIBELE e Halalelang
13Ha re etse jwaloka Moshe ya neng a ipea lesira mahlong, bana ba Iseraele ba tle ba se ke ba tadima qetello ya ntho e felang.
14Empa dikelello tsa bona di ne di thatafatswe; hobane le jwale ha ho balwa ditaba tsa selekane sa kgale, lona lesira leo, le fediswang ke Kreste, le sa ntse le le teng, ha le eso ho ka le tloswa.
15Empa le kajeno a bokajeno, ha ho balwa ditaba tsa Moshe, lesira le sa ntse le siretse dipelong tsa bona.
16Empa mohla di tla sokolohela ho Morena, lesira le tla tloswa.
17Mme Morena ke Moya; mme moo Moya wa Morena o leng teng, tokoloho e teng.
18Jwale, rona bohle ba tadimang seiponeng kganya ya Morena, ka mahlo a se nang lesira, re fetohela setshwantshong se le seng le yena ka kganya e isang kganyeng, e leng ka Moya wa Morena.