2 Bakorinthe
Khaolo 3:6-12
BIBELE e Halalelang
6e leng wona hape o re fileng matla a ho ba basebeletsi ba selekane se setjha, e seng sa letere, empa e leng sa Moya; hobane letere yona e a bolaya, empa Moya o a phedisa.
7Mme ekare ha tshebeletso ya lefu, e ngodilweng ka diletere tse betlilweng majweng, e ne e na le kganya e kgolo, bana ba Iseraele ba ba ba sitwa ho tadima Moshe mahlong, ka baka la kganya ya sefahleho sa hae, athe ke e neng e tla fela;
8tshebeletso ya Moya e tla ba le kganya e fetisang hakakang!
9Hobane tshebeletso ya tsuo ha e bile le kganya, haholoholo tshebeletso ya ho loka e fetisa ka kganya hakakang!
10Efela se neng se na le kganya pele, ha se sa na kganya, ha se bapiswa le kganya ena e fetisang haholo.
11Hobane se neng se tla fela ha se ne se tle ka kganya, haholo se sa feleng se tiya ka kganya hakakang!
12Jwale, ka baka la ho ba le tebello e kalo, re bolela ka matla a maholo.