2 Bakorinthe
Khaolo 4:9-15
BIBELE e Halalelang
9re a hloriswa, empa ha re lahlwe; re dihelwa fatshe, empa ha re timele;
10re jara lefu la Morena Jesu hohle mmeleng wa rona, hore bophelo ba Jesu le bona bo tle bo bonahale mmeleng wa rona.
11Hobane rona ba phelang, re ntse re tellwa lefu kamehla ka baka la Jesu, hore le bona bophelo ba Jesu bo tle bo bonahale nameng ya rona e shwang.
12Kahoo, lefu le sebetsa ka ho rona, empa bophelo bo sebetsa ka ho lona.
13Mme kahobane re na le moya o le mong wa tumelo, jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ke dumetse, mme ke boletse ke hona; le rona re a dumela, mme ke ka baka leo re bolelang;
14re ntse re tseba hobane ya tsositseng Morena Jesu, o tla re tsosa le rona ka Jesu, mme o tla re hlahisa le lona.
15Hobane tsohle di etsetswa lona, hore mohau ha o ntse o ata ka ba bangata, o tle o ngatafatse teboho, Modimo o be o tlotliswe.