2 Bakorinthe
Khaolo 5:5-11
BIBELE e Halalelang
5Mme ya re bopetseng hona hoo ke Modimo, e leng wona hape o re neileng ditebeletso tsa Moya.
6Tshepo ya rona e tiya kamehla ke hona, mme re a tseba hoba, ha re ntse re ahile mmeleng, ha re hae ho Modimo.
7Hobane re tsamaya ka tumelo, e seng ka pono.
8Ke re, re na le tshepo e tiyang, mme hoo re ho ratang ke ho falla mmeleng, re be hae ho Morena.
9Ke ka baka leo re tiisang matla ho mo kgahlisa, leha re sa le tlung ena, leha re ka falla ho yona.
10Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.
11Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.