2 Bakorinthe
Khaolo 5:7-13
BIBELE e Halalelang
7Hobane re tsamaya ka tumelo, e seng ka pono.
8Ke re, re na le tshepo e tiyang, mme hoo re ho ratang ke ho falla mmeleng, re be hae ho Morena.
9Ke ka baka leo re tiisang matla ho mo kgahlisa, leha re sa le tlung ena, leha re ka falla ho yona.
10Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.
11Jwale, ka baka la ho tseba botshabeho ba Morena, re qhopheletse batho ho dumela, mme re tsejwa ke Modimo, hape ke tshepile hoba re tsejwa le matswalong a lona.
12Hase hore re boela re ikemela pela lona, empa re le nea sebaka sa ho ithorisa ka rona; le tle le tsebe ho fetola ba ithorisang ka tshobotsi, e seng ka pelo.
13Hobane ha re hlanya, re hlanyetsa Modimo, mme ha re ena le ditaba, ke ka baka la lona.