2 Bakorinthe
Khaolo 8:1-7
BIBELE e Halalelang
1Banabeso, jwale re le tsebisa mohau oo Modimo o o etseditseng dikereke tsa Masedonia.
2Ke hobane, mahareng a moleko wa mahlomola a maholo, thabo ya tsona ya nna ya eketseha, mme bofumanehi bo boholo ba tsona bo tsholotse monono wa ho fana ha bona.
3Hobane ba ithaopile ho ntsha ka matla a bona — teng ke paki — le ka ho fetisa matla.
4Ba re qopheletse ka merapelo e mengata, hore re no amohela ketso eo ya mohau le ho kena ha bona dithusong tse etsetswang bahalaledi.
5Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.
6Ra ba ra rapela Tite, ra re, ha a se a qadile, a fele a phethe ketso eo ya mohau hara lona.
7Mme jwalokaha le atetswe ke tsohle, ke tumelo, ke dipolelo, ke tsebo, ke mafolofolo wohle, le ke lerato leo le re ratang ka lona, le fele le atelwe le ke ketso eo ya mohau.