2 Bakorinthe
Khaolo 8:12-18
BIBELE e Halalelang
12Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.
13Hobane ha ho etswe hore ba bang ba bone thuso, mme lona le tsielehe; ho mpa ho etswa ka ho re, ho lekane hantle;
14hore nala ya lona e tle e imolle bofumanehi ba bona nakong ya jwale, mme nala ya bona le yona e tle e imolle bofumanehi ba lona, ho tle ho etswe ka ho lekana;
15jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya neng a bokeletse haholo ha a ka a sallwa ke letho; mme ya neng a bokeletse hanyenyane ha a ka a hloka.
16A re leboheng Modimo, o kentseng tjheseho e le nngwe pelong ya Tite le ho ya ka ka baka la lona.
17O fela a amohetse kgothatso ya ka hantle, mme o ile ho lona a sa laelwa ke e mong, a mpa a iswa ke tjheseho ya hae.
18Re romile le yena moena e mong ya tumileng dikerekeng tsohle ka taba tsa Evangeli;