2 Bakorinthe
Khaolo 8:19-24
BIBELE e Halalelang
19e seng kahoo feela, hape ke motho eo re mo kgethetsweng ke dikereke hore re tsamaye le yena mosebetsing wona wa mohau, oo re o sebetsang ho tlotlisa Modimo ka sebele, le ho hlahisa tjheseho ya lona.
20Re ipabaletse, esere mohlomong ra nyatsuwa tabeng ya dithuso tseo tse ngata, tseo re di disang.
21Hobane re batla seo e leng se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho.
22Re romile le bona moena e mong, eo re boneng hangata a le mafolofolo ditabeng tse ngata; le jwale o sa na le mafolofolo a fetisang ka ho le tshepa haholo.
23Haele Tite, ke molekane wa ka le motlatsi wa ka ho lona; mme haele baena ba bang, ke baromuwa ba dikereke, ke letlotlo la Kreste.
24A le ke le bonahatseng lerato la lona pela dikereke, le kamoo re sa foseng ha re ithorisa ka lona kateng.