2 Bakorinthe
Khaolo 8:9-15
BIBELE e Halalelang
9Hobane le tseba mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hoba, leha a ne a enne, o ne a iketse mofumanehi ka baka la lona, le tle le ene ka bofumanehi ba hae.
10Ke le nea keletso tabeng eo; efela lona e le tshwanetse, hobane esale ngwahola le rakile bohle ka ho etsa le ka ho rata.
11Jwale, phethang le hona ho etsa; hore, jwalokaha le bile mafolofolo ho rateng, le be jwalo le ho etseng, le nka ho seo le nang le sona.
12Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.
13Hobane ha ho etswe hore ba bang ba bone thuso, mme lona le tsielehe; ho mpa ho etswa ka ho re, ho lekane hantle;
14hore nala ya lona e tle e imolle bofumanehi ba bona nakong ya jwale, mme nala ya bona le yona e tle e imolle bofumanehi ba lona, ho tle ho etswe ka ho lekana;
15jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: Ya neng a bokeletse haholo ha a ka a sallwa ke letho; mme ya neng a bokeletse hanyenyane ha a ka a hloka.