Levitike
Khaolo 1:3-9
BIBELE e Halalelang
3Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.
4O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.
5A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.
6O tla buha poha ya setjheso, a e tshele ditho.
7Bara ba moprista Aarone ba tla bea mollo hodima aletare, ba lokise patsi hodima mollo.
8Bara ba Aarone, baprista, ba tla lokisa ditho tseo, hlooho le mafura, hodima patsi e beilweng hodima mollo o aletareng.
9Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.