Levitike
Khaolo 1:6-12
BIBELE e Halalelang
6O tla buha poha ya setjheso, a e tshele ditho.
7Bara ba moprista Aarone ba tla bea mollo hodima aletare, ba lokise patsi hodima mollo.
8Bara ba Aarone, baprista, ba tla lokisa ditho tseo, hlooho le mafura, hodima patsi e beilweng hodima mollo o aletareng.
9Empa diteng le ditlhako, o tla di hlatswa ka metsi; moprista o tla tjhesa ntho tseo kaofela aletareng: ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
10Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.
11O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.
12Jwale o tla tshela ditho tsa yona, hammoho le hlooho le mafura a yona, mme moprista o tla di lokisa hodima patsi e beilweng aletareng, hodima mollo.