Levitike
Khaolo 11:19-25
BIBELE e Halalelang
19mokotatsie, masianoke, ka mefuta ya tsona, le lehehemu, le mmankgane.
20Diphoofotswanyana tsohle tse rurang, tse tsamayang ka maoto a mane, e tla ba manyala ho lona.
21Diphoofotswanyana tse rurang, tse tsamayang ka maoto a mane, tseo le ka di jang, ke tsona feela tse nang le menoto maotong a tsona ya ho qotoma hodima lefatshe.
22Tseo le ka di jang, ke tsie ka mefuta ya yona, le seongwane ka mefuta ya sona, le marutle ka mefuta ya wona, le bookgolane ka mefuta ya bona.
23Empa diphoofotswanyana tse ding tse rurang kaofela, tse maoto a mane, e tla ba manyala ho lona, di tla ba ditshila ho lona.
24E mong le e mong ya tlang ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya;
25e mong le e mong ya jereng setopo se shweleng sa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a be sesila ho isa mantsiboya.