Levitike
Khaolo 11:24-30
BIBELE e Halalelang
24E mong le e mong ya tlang ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya;
25e mong le e mong ya jereng setopo se shweleng sa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a be sesila ho isa mantsiboya.
26Phoofolo tsohle tse tlhako tse arohaneng, tseo dikgola tsa tsona di seng pedi, tse sa busoloseng, di tla ba ditshila ho lona; e mong le e mong ya di amang, o tla ba sesila.
27Tsohle tse maoto a mane, tse tsamayang ka maro a tsona, di tla ba sesila ho lona; e mong le e mong ya amang ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.
28Ya tlang ho jara ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla ba sesila ho isa mantsiboya. Di tla ba sesila ho lona.
29Haele diphoofotswanyana tse nyekenyehang lefatsheng, tseo le tla di tadima hore di ditshila, ke kgwiti, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;
30le hlong, le sehoho, le lekgala, le kgofu, le lenwabo.