Levitike
Khaolo 11:35-41
BIBELE e Halalelang
35Ntho efe le efe eo ho wetseng ntho e nngwe ya ditopo tsa tsona hodima yona, e tla ba sesila; sebopi le leifo di tla thuhakanngwa, hobane di le ditshila, mme le ho lona di tla ba ditshila.
36Haele mehlodi ya didiba le mamena ao bokellwang metsi ho wona, ke tsona feela tse sa tlong ho ba ditshila; empa leha e ka ba mang ya tlang ho ama ditopo tse didibeng tseo, o tla welwa ke sesila.
37Ekare ha ntho e nngwe ya ditopo tsa tsona e wetse hodima dipeo tse seng di tla jalwa, di ke se ke tsa lesa ho hlweka;
38empa dipeo tseo ha di ka kolobiswa, mme ntho e nngwe ya ditopo tsa ntho tseo e ka wela hodima tsona, e tla ba sesila ho lona.
39Ha ho ka shwa phoofolo e nngwe ya tseo le ka di jang, motho ya tlang ho ama setopo sa yona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.
40Ya ka jang nama ya setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya; ya tlang ho jara setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya.
41Tsohle tse hahabang fatshe e tla ba manyala ho lona; le ke ke la di etsa dijo.