Levitike
Khaolo 11:41-47
BIBELE e Halalelang
41Tsohle tse hahabang fatshe e tla ba manyala ho lona; le ke ke la di etsa dijo.
42Haele tse hahabang fatshe, tse kunyapang, le tse kgasang ka maoto a mane, leha a ka ba mangata, e ke ke ya eba dijo ho lona; di ditshila.
43Le se ke la itshela ditshila mmeleng ya lona ka dihahabi tsohle tseo tse hahabang, mme le se ke la itshilafatsa ka ho ama manyala a tsona;
44hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona; le tshwanetse ho ikgetha, le be le halalele, hobane ke a halalela; ka baka lena, le tse ke la tshela mmele ya lona ditshila ka tse hahabang fatshe.
45Hobane ke nna Jehova ya le nyolotseng naheng ya Egepeta, hore ke be Modimo wa lona. Halalelang ke hona, hobane ke a halalela.
46Ke wona molao o beilweng hodima diphoofolo le dinonyana, le tse utlwang kaofela, tse nyekenyehang metsing, le tse hahabang lefatsheng kaofela,
47oo le tlang ho rutwa ka wona ho kgetha se hlwekileng le se sa hlwekang, phoofolo e jewang le e sa jeweng.