Levitike
Khaolo 13:13-19
BIBELE e Halalelang
13mme moprista ha a tadima, a bona hoba lepera le apesitse mmele wa hae kaofela, o tla bolela hore mobabi o hlwekile; ha a se a fetohile a be mosweu kahohle, o hlwekile.
14Empa ka letsatsi leo nama e petohileng e bonahalang ho yena ka lona, etlaba o sesila;
15etlare hobane moprista a bone nama e petohileng, o tla mmolela hore o sesila; nama e petohileng ke sesila, ke lona lepera.
16Empa ha nama e petohileng e sweufala, o tla itlhahisa ho moprista;
17moprista o tla mo tadimisisa, mme ha nama eo e boetse e sweufetse, moprista o tla bolela hore mobabi o hlwekile; o fela a hlwekile.
18Ekare ha seso se hlahile letlalong la nama ya motho, se ba se fola,
19mme ho hlaha kokobalo e tshweu bakeng sa sona, kapa letheba le bosweu bo bofubetswana, mobabi o tla tshwanela ho itlhahisa ho moprista.