Levitike
Khaolo 13:39-45
BIBELE e Halalelang
39mme moprista ha tadimisisa, a fihlela hore matheba a letlalong la mmele wa hae a bosweu bo fifetseng, ke matheba feela a itlhahetseng letlalong; o hlwekile.
40Ekare ha hlooho ya motho e phumuhile, ke lefatla: o hlwekile.
41Ekare ha a phumuhile ka phatleng, ke lekulo, o hlwekile.
42Empa ekare ha lephotong le boreledi la hae, leha e le phatleng e kulehileng ya hae, letheba le bosweu bo bofubetswana le le teng, ke lekgopho la lepera lephotong la hae le boreledi, leha e le phatleng ya hae e kulehileng.
43Moprista o tla mo tadimisisa, mme ha a fihlela hoba letheba ke lekgopho le bosweu bo bofubetswana lephotong le boreledi la hae, kapa phatleng ya hae e kulehileng, le tshwanang le lepera le letlalong la mmele,
44ke molepera, o na le sesila; moprista a ke ke a lesa ho mmolela hore o sesila; leqeba la hae le hloohong.
45Jwale, motho ya jewang ke lepera, e ka kgona diaparo tsa hae di haholwe, hlooho ya hae e beolwe, a itshirele ditedu, a howe: Sesila! sesila!