Levitike
Khaolo 13:56-59
BIBELE e Halalelang
56Empa etlare hobane letheba le hlatsuwe, moprista ha a le tadimisisa, mme a bona hoba le sobane, o tla le hahola, le tlohe seaparong, kapa letlalong, kapa ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng.
57Ha letheba le ka boela la hlaha seaparong, kapa ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ke lekgopho la lepera; seo le leng ho sona se tla tjheswa ka mollo.
58Empa seaparo, kapa ditshwele tse otlolohileng, kapa tse tshekaletseng, leha e le mosebetsi ofe le ofe wa letlalo o hlatswitsweng moo letheba le hlakohileng, o tla hlatsuwa la bobedi, mme o tla hlweka.
59Ke wona molao bakeng se letheba la lepera diaparong tsa boya, kapa tsa lene, leha e le ditshweleng tse otlolohileng, kapa ho tse tshekaletseng, leha e le mosebetsing ofe le ofe o entsweng ka letlalo, ho tle ho bolelwe ka wona ha ntho e hlwekile, leha e sa hlweka.