Levitike
Khaolo 14:34-40
BIBELE e Halalelang
34Etlare hobane le kene naheng ya Kanana eo ke le neang yona, le e rue, ha nka otla ntlo efe le efe ya naha eo le tlang ho e rua ka lefu la lepera,
35monga ntlo o tla tla ho moprista ho mo tsebisa ka ho re: Ke lemohile ho kang letheba ka tlung ya ka.
36Moprista ha a eso ho kene ho tadimisisa letheba leo, o tla laela hore ntlo eo e phahlwe, hore se ka tlung se se ke sa tshwaetswa ke sesila; jwale moprista o tla kena ho tadimisisa ntlo eo.
37O tla tadimisisa letheba; ha a bona hoba le hlahisitse dikotjana maboteng a ntlo tse phobetsehileng leboteng, tse mmala o motalana, kapa o mofubetswana,
38moprista o tla tswa tlung eo; etlare ha a le monyako wa ntlo, a o kwale ka matsatsi a supileng.
39Moprista o tla kgutlela tlung eo ka la bosupa, mme ha a bona hobane letheba le namile maboteng a ntlo,
40o tla laela hore ho qhebollwe majwe ao lefu le namathetseng ho wona, a lahlelwe kantle ho motse, nqalong e sesila.