Levitike
Khaolo 14:36-42
BIBELE e Halalelang
36Moprista ha a eso ho kene ho tadimisisa letheba leo, o tla laela hore ntlo eo e phahlwe, hore se ka tlung se se ke sa tshwaetswa ke sesila; jwale moprista o tla kena ho tadimisisa ntlo eo.
37O tla tadimisisa letheba; ha a bona hoba le hlahisitse dikotjana maboteng a ntlo tse phobetsehileng leboteng, tse mmala o motalana, kapa o mofubetswana,
38moprista o tla tswa tlung eo; etlare ha a le monyako wa ntlo, a o kwale ka matsatsi a supileng.
39Moprista o tla kgutlela tlung eo ka la bosupa, mme ha a bona hobane letheba le namile maboteng a ntlo,
40o tla laela hore ho qhebollwe majwe ao lefu le namathetseng ho wona, a lahlelwe kantle ho motse, nqalong e sesila.
41Ho ntoo hopuwa ntlo kahare kahohle, mme ho tlositsweng leboteng le hopilweng ho tla tshollelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.
42Ho tla nkwa majwe a mang a tlang ho bewa bakeng sa majwe a pele, ho nkwe mobu o mong o dubilweng ho bateha ntlo.