Levitike
Khaolo 14:39-45
BIBELE e Halalelang
39Moprista o tla kgutlela tlung eo ka la bosupa, mme ha a bona hobane letheba le namile maboteng a ntlo,
40o tla laela hore ho qhebollwe majwe ao lefu le namathetseng ho wona, a lahlelwe kantle ho motse, nqalong e sesila.
41Ho ntoo hopuwa ntlo kahare kahohle, mme ho tlositsweng leboteng le hopilweng ho tla tshollelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.
42Ho tla nkwa majwe a mang a tlang ho bewa bakeng sa majwe a pele, ho nkwe mobu o mong o dubilweng ho bateha ntlo.
43Ekare ha letheba leo le boela le hlaha, mme le thopohela leboteng la ntlo, ha ho se ho qhebolotswe majwe, mme ha ho hopilwe lebota la ntlo ho bile ho batehilwe;
44moprista o tla tla, mme ha a bona hoba letheba le thopohetse lebota la ntlo, ke lepera le fukutlang, le jang ntlo; ntlo eo e sesila.
45Ntlo eo e tla heletswa, le majwe a yona, le difate tsa yona, le mabota a yona; ntho tseo kaofela di tla thothelwa kantle ho motse, nqalong e sesila.