Levitike
Khaolo 15:3-9
BIBELE e Halalelang
3Ka baka la ho dutla ha hae o sesila; leha mmele wa hae o keleketlisa ho dutla hoo ha hae, kapa a ho thibela, o sesila.
4Diphate tsohle tseo a robalang ho tsona, di sesila, le ntho e nngwe le e nngwe eo a dulang hodima yona, e sesila.
5E mong le e mong ya amang diphate tsa hae, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; a be sesila ho isa mantsiboya.
6Ya ka dulang moo monna eo a neng a dutse teng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; a be sesila ho isa mantsiboya.
7Ya amang mmele wa monna eo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme a be sesila ho isa mantsiboya.
8Ekare ha ya dutlang a ka tshwela e mong ya hlwekileng ka mathe, eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, mme o tla ba sesila ho isa mantsiboya.
9Qhana efe le efe eo monna eo a kileng a palama ka yona, e tla ba sesila.