Levitike
Khaolo 15:30-33
BIBELE e Halalelang
30Moprista o tla hlahisa le leng, e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso; moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova ka baka la letlang le neng le mo tshetse sesila.
31Le tla kgaohanya jwalo bana ba Iseraele le tseo ba itshelang sesila ka tsona, hore ba se ke ba shwela ditshileng tsa bona, ka ho silafatsa tente ya ka ya pokano e hara bona.
32Ke oo molao o beetsweng modutli, le ya leng sesila ka mohlapo,
33le mosadi ya idileng, le ya nang le ho dutla, kapa e leng monna, kapa e leng mosadi, le ya robalang le mosadi ya dutseng sesileng sa hae.