Levitike
Khaolo 18:11-17
BIBELE e Halalelang
11O se ke wa apola bofeela ba moradi wa mohatsa ntatao ya tswetsweng ke ntatao, hobane ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa apola bofeela ba hae.
12O se ke wa apola bofeela ba rakgadiao, hobane ke madi a ntatao.
13O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo mmao, hobane ke madi a mmao.
14O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo ntatao, ke ho re o se ke wa atamela mosadi wa hae, hobane ke mmangwanao.
15O se ke wa apola bofeela ba ngwetsi ya hao, hobane ke mosadi wa mora wa hao; o se ke wa apola bofeela ba hae.
16O se ke wa apola bofeela ba mohatsa ngwaneno, ke bofeela ba ngwaneno.
17O se ke wa apola bofeela ba mosadi le ba moradi wa hae; o se ke wa nka moradi wa mora hae, leha e le moradi wa moradi wa hae ho apola bofeela ba bona; hobane e ntse e le ba madi a le mang; ke polao.