Levitike
Khaolo 18:18-24
BIBELE e Halalelang
18O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao ho baka lefufa, ka ho apola bofeela ba hae mabapa le mosadi wa hao, ha a sa ntse a phela.
19O se ke wa atamela mosadi ya idileng, ho apola bofeela ba hae.
20O se ke wa bokana le mosadi wa wa heno ho itshela sesila le yena.
21O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.
22O se ke wa robala le monna, jwalokaha ho robalwa le mosadi: ke ntho e manyala.
23O se ke wa kopano le phoofolo ho itshela sesila ka yona. Mosadi a se ke a emela phoofolo ho robala le yona: ke manyala a tshabehang.
24Le se ke la itshela sesila ka efe le efe ya ntho tseo, hobane ke ka dintho tseo kaofela ditjhaba tseo ke yang ho di lelekisa pela lona di itshetseng ditshila.