Levitike
Khaolo 18:23-29
BIBELE e Halalelang
23O se ke wa kopano le phoofolo ho itshela sesila ka yona. Mosadi a se ke a emela phoofolo ho robala le yona: ke manyala a tshabehang.
24Le se ke la itshela sesila ka efe le efe ya ntho tseo, hobane ke ka dintho tseo kaofela ditjhaba tseo ke yang ho di lelekisa pela lona di itshetseng ditshila.
25Ke ka tseo ba di entseng naha e silafetseng; jwale, ke tla e otla ka manyala a yona, mme e tla hlatsa baahi ba yona.
26Le boloke ke hona melao le ditaelo tsa ka, mme le se ke la etsa leha le le leng la manyala ao, leha e le ya tswaletsweng ha eno, leha e le moditjhaba ya jakileng hara lona.
27Hobane ke wona manyala wohle ao a kileng a etswa ke batho ba naha eo, ba neng ba ahile teng pele, mme naha e kile ya silafala.
28Iponeleng hore naha e se ke ya le hlatsa, ha le e silafatsa, jwalokaha e hlatsitse ditjhaba tse neng di le ho yona pele.
29Hobane bohle ba tlang ho etsa leha le le leng la manyala ao, ba tla tloswa hara setjhaba sa ba habo bona.