Levitike
Khaolo 18:3-9
BIBELE e Halalelang
3Ke nna Jehova, Modimo wa lona. Le se ke la lekisa se etswang naheng ya Egepeta, moo le kileng la aha teng, leha e le se etswang naheng ya Kanana eo ke ya le kenya ho yona, mme le se ke la latela mekgwa ya bona.
4Le tla ya ka ditaelo tsa ka, le boloke melao ya ka ho ya ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
5Le tla boloka ke hona melao ya ka le ditaelo tsa ka; motho ya tlang ho ya ka tsona, o tla phela ke tsona. Ke nna Jehova.
6Ho se ke ha eba ya atamelang ho mosadi e leng wa madi a le mang le yena ho apola bofeela ba hae. Ke nna Jehova.
7O se ke wa apola bofeela ba ntatao, ke hore bofeela ba mmao; ke mmao, o se ke wa apola bofeela ba hae.
8O se ke wa apola bofeela ba mosadi wa ntatao; ke bofeela ba ntatao.
9O se ke wa apola bofeela ba kgaitsedi ya hao, moradi wa ntatao, leha e le moradi wa mmao, ya tswaletsweng hae, kapa e leng letlalepepilwe.