Levitike
Khaolo 18:7-13
BIBELE e Halalelang
7O se ke wa apola bofeela ba ntatao, ke hore bofeela ba mmao; ke mmao, o se ke wa apola bofeela ba hae.
8O se ke wa apola bofeela ba mosadi wa ntatao; ke bofeela ba ntatao.
9O se ke wa apola bofeela ba kgaitsedi ya hao, moradi wa ntatao, leha e le moradi wa mmao, ya tswaletsweng hae, kapa e leng letlalepepilwe.
10O se ke wa apola bofeela ba moradi wa mora wa hao, leha e le ba moradi wa moradi wa hao, hobane ke bofeela ba hao.
11O se ke wa apola bofeela ba moradi wa mohatsa ntatao ya tswetsweng ke ntatao, hobane ke kgaitsedi ya hao; o se ke wa apola bofeela ba hae.
12O se ke wa apola bofeela ba rakgadiao, hobane ke madi a ntatao.
13O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo mmao, hobane ke madi a mmao.