Levitike
Khaolo 19:17-23
BIBELE e Halalelang
17O se ke wa hloya wa heno pelong ya hao; o ka mo kgalemela, empa o se ke wa itjarisa sebe ka baka la hae.
18O se ke wa iphetetsa, mme o se ke wa bolokela bana ba setjhaba sa heno lonya. Rata wa heno jwalokaha o ithata. Ke nna Jehova.
19Bolokang melao ya ka.O se ka wa hwedisana diphoofolo tsa hao tse seng tsa mofuta o le mong. O se ke wa jala tshimo ya hao ka dipeo tsa mefuta e mmedi, mme o se ke wa apara diaparo tse lohilweng ka ditshwele tsa mefuta e mmedi.
20Etlare ha monna a robala le mosadi ya ruilweng, mme e le morwetsana ya lebeleditsweng ke e mong, empa a eso ho lopollwe, kapa a eso ho lokolohe, kotlo e tla ba teng; empa ba ke ke ba bolawa, hobane o ne a eso ho lokolohe.
21Monna o tla tlisa sehlabelo sa hae sa molato pela Jehova, monyako wa tente ya pokano, ke hore pheleu e be sehlabelo sa molato.
22Moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova, ka pheleu e tlisitsweng ya sehlabelo sa molato, ka baka la sebe seo a se entseng; mme sebe seo a se entseng o tla tshwarelwa sona.
23Etlare hobane le kene naheng ya lona, ha le se le hlomile teng mefuta yohle ya difate tse behang ditholwana, le tla ila ditholwana tsa tsona, jwalokaha eka ha di a bolla; ka dilemo tse tharo di tla ba ho lona jwaloka eka ha di a bolla, mme di ke ke tsa jewa.