Levitike
Khaolo 19:29-35
BIBELE e Halalelang
29O se ke wa senya moradi wa hao ka ho mo neela bootswa, esere naha ya senngwa ke bohlola, mme ya tlala bobe.
30Le boloke Disabatha tsa ka, mme le hlomphe nqalo e halalelang ya ka. Ke nna Jehova.
31Le se ke la kgelohela ho ba bitsang bafu, leha e le ho dinohe; le se ke la botsa ditaba ho bona, le tle le se ke la itshela ditshila ka bona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
32O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.
33Ekare ha moditjhaba a ahella hara lona, naheng ya lona, le se ke la mo katella;
34le etse moditjhaba jwalokaha le etsa ya tswaletsweng ha habo lona, mme le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.
35Le se ke la thetsa dikahlolong, leha e le ditekanyong tsa bolelele, leha e le ditekanyong tsa boima, leha e le ditekanyong tsa ho tshela.