Levitike
Khaolo 20:18-24
BIBELE e Halalelang
18Ekare ha monna a robala le mosadi ya idileng, a apola bofeela ba hae, mme a pepesa mohlapo wa hae, le yena mosadi a pepesa letlang la hae, ba tla tloswa ba babedi hara setjhaba sa habo bona.
19O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo mmao, leha e le ba kgaitsedi ya ntatao; hobane moo, ke ho apola madi a hao; ba tla jara sebe sa bona.
20Ekare ha e mong a ka robala le mosadi wa ngwanabo ntatae, o apotse bofeela ba ngwanabo ntatae; ba tla jara sebe sa bona; ba tla shwa ba se na bana.
21Ekare ha e mong a nka mosadi wa ngwanabo, ke ntho e sa lokang, o apotse bofeela ba ngwanabo; ba tla hloka bana.
22Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsa ka kaofela, le ye ka tsona, hore naha eo ke le isang ho yona ho aha teng e se ke ya le hlatsa.
23Le se ke la ya ka mekgwa ya ditjhaba tseo ke tla di lelekisa pela lona; hobane di entse dintho tseo kaofela, mme ho nna di manyala.
24Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.