Levitike
Khaolo 20:19-25
BIBELE e Halalelang
19O se ke wa apola bofeela ba ngwanabo mmao, leha e le ba kgaitsedi ya ntatao; hobane moo, ke ho apola madi a hao; ba tla jara sebe sa bona.
20Ekare ha e mong a ka robala le mosadi wa ngwanabo ntatae, o apotse bofeela ba ngwanabo ntatae; ba tla jara sebe sa bona; ba tla shwa ba se na bana.
21Ekare ha e mong a nka mosadi wa ngwanabo, ke ntho e sa lokang, o apotse bofeela ba ngwanabo; ba tla hloka bana.
22Le tla boloka melao yohle ya ka, le ditaelo tsa ka kaofela, le ye ka tsona, hore naha eo ke le isang ho yona ho aha teng e se ke ya le hlatsa.
23Le se ke la ya ka mekgwa ya ditjhaba tseo ke tla di lelekisa pela lona; hobane di entse dintho tseo kaofela, mme ho nna di manyala.
24Ke le boleletse, ka re: Ke lona le tlang ho rua naha ya tsona, mme ke tla le fa yona, e be ya lona; ke naha e kollang lebese le dinotshi. Ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le kgaohantseng le ditjhaba.
25Kgethahanyang phoofolo e hlwekileng ho phoofolo e sa hlwekang, le nonyana e hlwekileng ho nonyana e sa hlwekang, hore le tle le se ke la iketsa batho ba manyala ka diphoofolo, le ka dinonyana, le ka tsohle tse hahabang lefatsheng, tseo ke le tsebisitseng tsona hore ke tse sa hlwekang.