Levitike
Khaolo 20:2-8
BIBELE e Halalelang
2E re ho bana ba Iseraele: Leha e ka ba mang ho bana ba Iseraele, le ho baditjhaba ba aheletseng hara Iseraele, ya tlang ho ntshetsa Moloke e mong wa bana ba hae, o tla bolawa: baahi ba naha ba tla mo tlepetsa ka majwe.
3Mme nna motho eo ke tla mo tjamela, mme ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo; hobane o neetse Moloke e mong wa bana ba hae, mme o tshetse jwalo nqalo e halalelang ya ka ditshila; o nyefotse lebitso la ka le halalelang.
4Ekare ha baahi ba naha ba sa re letho ka ketso ya motho ya neetseng Moloke e mong wa bana ba hae, mme ba sa mmolaye,
5nna, motho eo ke tla mo tjamela le leloko la hae; ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo, yena le bohle ba mo latelang bootsweng ba hae ho ya boka le Moloke.
6Ekare ha motho a kgelohela ho ba bitsang bafu, le ho dinohe, ho ya boka le bona, motho eo ke tla mo tjamela, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.
7Le ikgalaletse ke hona, le be le kgethehe, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.
8Le boloke melao ya ka, le ye ka yona. Ke nna Jehova ya le halaletsang.