Levitike
Khaolo 21:1-6
BIBELE e Halalelang
1Jehova a boela a re ho Moshe: Bolella baprista, bara ba Aarone, o re ho bona: Ho se ke ha eba moprista hara bona ya ipeang sesila ka baka la mofu hara setjhaba sa habo,
2haese ka ba tswalaneng le yena, ba madi a le mang le yena, jwaloka mmae, kapa ntatae, kapa mora wa hae, kapa moradi wa hae, kapa ngwanabo,
3leha e le kgaitsedi ya hae, eo e sa leng morwetsana eo a nang le yena, ya esong ho be le monna.
4Ha ho a tshwanela hore eo e leng hlooho hara setjhaba sa habo, a ipee sesila ka ho itlhompholla.
5 Baprista ba se ke ba beola dihlooho tsa bona, leha e le ho tlosa mathoko a ditedu tsa bona, mme ba se ke ba phatsa mmele ya bona ka lehare.
6Ba tla halalela ka baka la Modimo wa bona, mme ba ke ke ba tlotlolla lebitso la Modimo wa bona; hobane ke bona ba hlahisang mahlabelo a tjhesetswang Jehova, e leng sejo sa Modimo wa bona; a ba ke ba halalele ke hona.