Levitike
Khaolo 21:12-18
BIBELE e Halalelang
12A se ke a tswa sehalalelong, mme a se ke a hlompholla sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane ole ya tlolo ya Modimo wa hae ke mofapahlooho hloohong ya hae. Ke nna Jehova.
13O tla inkela mosadi ya esong ho tsebe monna.
14A se ke a nyala mohlolohadi, leha e le mosadi ya hladilweng, kapa ya tlotlolotsweng, kapa seotswa; empa o tla ikgethela morwetsana ya esong ho tsebe monna hara setjhaba sa habo.
15A se ke a hlompholla lesika la hae hara setjhaba sa habo; hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang.
16Jehova a boela a bolella Moshe, a re:
17Bolella Aarone, o re: Leha e ka ba mang le mang hara ditloholo tsa hao, melokong ya hao, ya nang le sekodi mmeleng, a se ke a atamela ho hlahisa sejo sa Modimo wa hae.
18Motho ofe le ofe ya nang le sekodi mmeleng wa hae, a se ke a atamela, kapa e leng sefofu, kapa sehlotsa, kapa ya nko e pharameng, kapa ya nang le setho se bolelele bo tlodisang tekanyo,