Levitike
Khaolo 21:8-14
BIBELE e Halalelang
8O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.
9Ekare ha moradi wa moprista a itlhompholla ka ho iketsa seotswa, o hlompholla ntatae; o tla tjheswa mollong.
10Moprista e leng e moholo hara banababo, ya tshetsweng ole ya tlolo hloohong, ya kgethilweng, ya apesitsweng diaparo tse kgethehileng, a se ke a rola hloohong ya hae, leha e le ho hahola diaparo tsa hae.
11A se ke a atamela mofu; esita le ka ntatae, leha e le ka mmae, a se ke a ipea sesila.
12A se ke a tswa sehalalelong, mme a se ke a hlompholla sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane ole ya tlolo ya Modimo wa hae ke mofapahlooho hloohong ya hae. Ke nna Jehova.
13O tla inkela mosadi ya esong ho tsebe monna.
14A se ke a nyala mohlolohadi, leha e le mosadi ya hladilweng, kapa ya tlotlolotsweng, kapa seotswa; empa o tla ikgethela morwetsana ya esong ho tsebe monna hara setjhaba sa habo.